20. Jwale Modimo a re: “Metsi a hlahise dibopuwa tse ngata, tse phelang, tse tsamayang ka dikgakgatha; le dinonyana di fofe kahodima lefatshe, loaping la lehodimo.”
21. Modimo a hlola dikganyapa tsa ditonanahadi, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata, ka mefuta ya tsona; le dinonyana tse fofang, ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.
22. Modimo a di hlohonolofatsa, a re: “Atang, le ngatafale, le tlale mawatleng; le dinonyana di ngatafale lefatsheng.”
23. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bohlano.
24. Yaba Modimo o re: “Lefatshe le hlahise dibopuwa tse phelang, ka mefuta ya tsona: Makgomo, le dihahabi, le diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona.” Ha fela ha eba jwalo.
25. Modimo a etsa diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona, le makgomo ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.
26. Jwale Modimo a re: “A re etseng motho ka setshwano sa rona le ka sebopeho sa rona, mme a laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le makgomo, le lefatshe lohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe.”
27. Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.
28. Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”
29. Modimo a nto re: “Bonang, ke le file meroho yohle e nang le peo, e teng lefatsheng lohle; le difate tsohle tse behang ditholwana tse nang le peo, hore e be dijo tsa lona.
30. Le diphoofolo tsohle tse hlaha, le dinonyana tsohle tse fofang, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe, le tsohle tse phelang, ke di file ditlama tsohle tse tala, hore e be dijo tsa tsona.” Ha fela ha eba jwalo.
31. Jwale Modimo a tadima tsohle tseo a di entseng, mme a bona hore di ntle haholo. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la botshelela.