Tshimoloho 1:14-27 BIBELE (SSO89SO)

14. Yaba Modimo o re: “Loapi la lehodimo le be le mabone, a tle a arohanye motsheare le bosiu, a be a supe dinako tsa selemo, le matsatsi, le dilemo.

15. Hape e be mabone a loaping la lehodimo, a bonesang lefatshe.” Ha fela ha eba jwalo.

16. Modimo a etsa mabone a mabedi, a maholo; lebone le leholo ya eba le busang motsheare, le lenyenyane ya eba le busang bosiu; mme a etsa le dinaledi.

17. Modimo a di bea loaping la lehodimo hore di bonese lefatshe,

18. di buse motsheare le bosiu, di arohanye lesedi le lefifi. Modimo a bona hore hoo ho hotle.

19. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bone.

20. Jwale Modimo a re: “Metsi a hlahise dibopuwa tse ngata, tse phelang, tse tsamayang ka dikgakgatha; le dinonyana di fofe kahodima lefatshe, loaping la lehodimo.”

21. Modimo a hlola dikganyapa tsa ditonanahadi, le dibopuwa tsohle tse phelang, tse hlahisitsweng ke metsi ka bongata, ka mefuta ya tsona; le dinonyana tse fofang, ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.

22. Modimo a di hlohonolofatsa, a re: “Atang, le ngatafale, le tlale mawatleng; le dinonyana di ngatafale lefatsheng.”

23. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bohlano.

24. Yaba Modimo o re: “Lefatshe le hlahise dibopuwa tse phelang, ka mefuta ya tsona: Makgomo, le dihahabi, le diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona.” Ha fela ha eba jwalo.

25. Modimo a etsa diphoofolo tse hlaha ka mefuta ya tsona, le makgomo ka mefuta ya wona, le dihahabi tsohle ka mefuta ya tsona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.

26. Jwale Modimo a re: “A re etseng motho ka setshwano sa rona le ka sebopeho sa rona, mme a laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le makgomo, le lefatshe lohle, le tsohle tse hahabang hodima lefatshe.”

27. Yaba Modimo o bopa motho ka setshwano sa hae, o mmopa ka setshwano sa Modimo; a bopa e motona le e motshehadi.

Tshimoloho 1