Tshimoloho 1:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Tshimolohong Modimo o ne a hlole lehodimo le lefatshe.

2. Lefatshe le ne le se na sebopeho, le se na letho; lefifi le ne le aparetse bodiba. Moya wa Modimo o ne o okaokela metsi.

3. Modimo a re: “Lesedi le be teng!” Yaba lesedi le ba teng.

4. Modimo a bona hore lesedi le letle, mme Modimo a le arohanya le lefifi.

5. Modimo a re lesedi ke “motsheare” mme a re lefifi ke “bosiu”. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la pele.

6. Yaba Modimo o re: “Loapi le be teng pakeng tsa metsi, ho arohanya metsi ho metsi a mang.”

7. Modimo a etsa loapi ho arohanya metsi a kahodimo ho lona le metsi a katlase ho lona. Ha fela ha eba jwalo.

8. Modimo a re loapi ke “lehodimo”. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bobedi.

9. Jwale Modimo a re: “Metsi a katlase ho lehodimo a bokellane sebakeng se le seng, ho hlahe mobu o ommeng!” Ha fela ha eba jwalo.

10. Modimo a re mobu o ommeng ke “lefatshe”, metsi a bokellaneng wona a re ke “mawatle”. Modimo a bona hore hoo ho hotle.

11. Modimo a re: “Lefatshe le medise jwang, le ditlama tse nang le peo, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya yona, lefatsheng.” Ha fela ha eba jwalo.

12. Lefatshe la medisa jwang, le ditlama tse nang le peo ka mefuta ya tsona, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya yona. Modimo a bona hore hoo ho hotle.

Tshimoloho 1