Tshenolo 9:4-13 BIBELE (SSO89SO)

4. Feela tsa laelwa hore di se ke tsa senya jwang, kapa ditlama dife kapa dife, kapa difate dife kapa dife; di mpe di senyetse batho feela ba sa tshwauwang ka letshwao la Modimo diphatleng tsa bona.

5. Tsa newa matla, e seng a ho ba bolaya, empa a ho ba hlokofatsa ka dikgwedi tse hlano. Ho hlokofatsa ha tsona ho tshwana le mahloko a phepheng ha e loma motho.

6. Matsatsing ao batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba baleha.

7. Ditsie tsena di ne di tadimeha jwaloka dipere tse lokiseditsweng ntwa, dihloohong e ne e ka di rwetse mefapahlooho ya kgauta, difahleho tsa tsona di le jwaloka tsa batho.

8. Di ne di ena le meetse e kang moriri wa basadi, mme meno a tsona a ne a le jwaloka meno a ditau.

9. Di ne di ena le ho kang tshepe e di sireletsang difuba, mme lerata la mapheo a tsona le ne le ka lerata la dikariki tse hulwang ke dipere tse ngata, tse mathelang ntweng.

10. Di ne di ena le mehatla e tshwanang le ya diphepheng, e nang le metsu, mme di ena le matla a ho senyetsa batho ka mehatla ya tsona, ka dikgwedi tseo tse hlano.

11. Di ne di buswa ke kgosi eo e leng lengeloi la mohohlo o se nang pheletso, le bitswang Abadone ka Seheberu, athe ka Segerike lebitso la lona ke Apoleone.

12. Bomadimabe ba pele bo fetile. Bonang, kamorao ho mona bomadimabe bo sa tla tla habedi hape.

13. Jwale lengeloi la botshelela la letsa terompeta, mme ka utlwa lentswe le tswang manakeng a mane a aletare ya kgauta, e kapele ho Modimo.

Tshenolo 9