Tshenolo 9:14-17 BIBELE (SSO89SO)

14. La bolella lengeloi la botshelela le tshwereng terompeta, la re: “Lokolla mangeloi a mane a holehilweng nokeng e kgolo ya Euferatese.”

15. Yaba ho lokollwa mangeloi ao a mane, a neng a se a itokiseditse hora, le letsatsi, le kgwedi, le selemo, e leng nako eo a tla bolaya karolo ya boraro ya batho ka yona.

16. Palo ya dimphi tsa bapalami e ne e le makgolo a mabedi a dikete tsa dikete; ka utlwa ha ho bolelwa palo ya bona.

17. Ponong eo dipere le bapalami ba tsona ba ne ba tadimeha tjena: Ba ne ba itshireleditse difuba ka dintho tse tshwanang le mollo, le lehakwe la safire, le sebabole ka mmala, mme dihlooho tsa dipere di ne di le jwaloka dihlooho tsa ditau, melomong ya tsona ho betseha mollo, le mosi, le sebabole.

Tshenolo 9