9. Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona.
10. Ba ne ba howa ka mantswe a phahameng, ba re:“Tlholo ke ya Modimo wa ronaya dutseng teroneng,le ya Konyana.”
11. Mangeloi wohle a neng a eme, a potapotile terone, le baholo, le dibopuwa tse nne tse phelang, a itihela fatshe ka difahleho, a kgumamela Modimo,
12. a re:“Amen. Thoriso, le tlotla,le bohlale, le teboho, le hlompho,le borena, le matladi ke di be ho Modimo wa ronakamehla le mehla! Amen.”
13. Jwale e mong wa baholo a mpotsa, a re: “Ke bo-mang baa ba apereng diaparo tse tshweu? Ba tswa kae?”
14. Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.”A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana.
15. “Ke ka lebaka leo ba emengkapele ho terone ya Modimo,mme ba mo sebeletsamotsheare le bosiuka tempeleng ya hae.Ya dutseng teronengo tla ba sireletsaleahong la hae.
16. Ha ba ka ke ba hlola ba lapakapa ba nyorwa;ha ba sa tla tjheswa ke letsatsi,kapa lebatama lefe kapa lefe,
17. hobane Konyanae bohareng ba teronee tla ba disa,e ba ise didibengtsa metsi a bophelo.Modimo o tla hlakolameokgo yohle mahlong a bona.”