Tshenolo 7:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamorao ho tsena ka bona mangeloi a mane a eme diqoleng tse nne tsa lefatshe, a thibile meya e mene ya lefatshe, e le hore ho tle ho se be moya o fokang lefatsheng, kapa lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe.

2. Yaba ke bona lengeloi le leng le nyoloha botjhabela, le tshwere letshwao la Modimo ya phelang. Ka lentswe le phahameng la howeletsa mangeloi a mane a neilweng matla a ho senya lefatshe le lewatle,

3. la re: “Le se ke la senya lefatshe, kapa lewatle, kapa difate, re eso ka re tshwaya bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.”

4. Ka utlwa ho bolelwa palo ya ba tshwailweng e le ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, ba tswang melokong yohle ya bana ba Iseraele.

5. Lelokong la Juda ho ne hotshwailwe ba dikete tse leshome lemetso e mmedi;lelokong la Rubene, ba dikete tseleshome le metso e mmedi;lelokong la Gade, ba dikete tseleshome le metso e mmedi;

6. lelokong la Asere, ba dikete tseleshome le metso e mmedi;lelokong la Nafthali, ba dikete tseleshome le metso e mmedi;lelokong la Manase, ba dikete tseleshome le metso e mmedi;

7. lelokong la Simeone, ba dikete tseleshome le metso e mmedi;lelokong la Levi, ba dikete tseleshome le metso e mmedi;lelokong la Isakare, ba dikete tseleshome le metso e mmedi;

8. lelokong la Sebulone, ba dikete tseleshome le metso e mmedi;lelokong la Josefa, ba dikete tseleshome le metso e mmedi;lelokong la Benjamine, ba diketetse leshome le metso e mmedi.

9. Kamorao ho tsena ka tadima, mme ka bona letshwelehadi leo ho neng ho se motho ya ka le balang. E ne e le ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba eme kapele ho terone le kapele ho Konyana, ba apere diaparo tse tshweu, ba tshwere makala a dipalema matsohong a bona.

10. Ba ne ba howa ka mantswe a phahameng, ba re:“Tlholo ke ya Modimo wa ronaya dutseng teroneng,le ya Konyana.”

Tshenolo 7