Tshenolo 5:6-14 BIBELE (SSO89SO)

6. Jwale ka bona Konyana e emeng bohareng ba terone, e teetswe hare ke dibopuwa tse nne tse phelang, le ke baholo. Konyana e ne e bonahala eka e hlabilwe. E ne e ena le dinaka tse supileng le mahlo a supileng, e leng meya e supileng ya Modimo, e rometsweng lefatsheng lohle.

7. Konyana ya tla, ya nka buka e letsohong le letona la ya dutseng teroneng.

8. Eitse ha e nka buka, dibopuwa tse nne tse phelang, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba itihela fatshe kapele ho Konyana. E mong le e mong o ne a tshwere harepa le lefiswana la kgauta le tletseng mokubetso, oo e leng dithapelo tsa bahalaledi.

9. Ba ne ba bina sefela se setjha, ba re:“Ho a o lokela ho nka bukale ho kgomarolladibitielo tsa yona,hobane o ile wa hlajwa,mme ka madi a haowa lopollela Modimobatho ba meloko yohle,le ba dipuo tsohle,le ba ditjhaba tsohle,le ba mefuta yohle.

10. O ba entse mmuso le bapristaba tla sebeletsa Modimo wa rona,mme ba buse lefatshe.”

11. Ka tadima hape, mme ka utlwa mantswe a mangeloi a mangata, a potapotileng terone, le dibopuwa tse phelang, le baholo. Palo ya wona e ne e le dikete tsa diketekete.

12. A ne a bua ka mantswe a phahameng, a re:“Konyana e hlabilweng e lokela ho amohela borena, le borui, le bohlale, le matla, le hlompho, le tlotla, le thoriso.”

13. Le dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse botebong ba lefatshe, le tse lewatleng, tsohle tse ho tsona ka di utlwa di re:“Ho ya dutseng teroneng le ho Konyana e be thoriso, le hlompho, le tlotla, le matla, kamehla le mehla.”

14. Yaba dibopuwa tse nne tse phelang di re: “A ho be jwalo!” Le baholo ba itihela fatshe, ba mo kgumamela.

Tshenolo 5