Tshenolo 5:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsohong le letona la ya dutseng teroneng, ka bona buka e ngotsweng kamahohle, e bitietsweng ka dibitielo tse supileng.

2. Ka ba ka bona lengeloi le matla, le phatlalatsang ka lentswe le phahameng, le re: “Ke mang ya lokelang ho phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tsa yona?”

3. Empa ho ne ho se motho lehodimong, kapa lefatsheng, kapa botebong ba lefatshe, ya ka phetlang buka, leha e le ho e bala.

4. Yaba ke lla habohloko, hobane ho sa ka ha fumanwa ya lokelang ho phetla buka, leha e le ho e bala.

5. Empa e mong wa baholo a re ho nna: “O se ke wa lla. Bona, Tau ya leloko la Juda, Lehlomela la Davida, o hlotse. O tla phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tse supileng tsa yona.”

Tshenolo 5