Tshenolo 4:8-11 BIBELE (SSO89SO)

8. Se seng le se seng sa dibopuwa tseo tse nne tse phelang, se ne se ena le mapheo a tsheletseng, mme kantle le kahare ho wona ho ena le mahlo a mangatangata. Bosiu le motsheare di ne di sa kgaotse ho re:“O a halalela, o a halalela,o a halalela,Morena Modimo ya matla wohle,ya bileng teng, ya leng teng,ya tlang ho tla.”

9. Ha dibopuwa tse phelang di isa tlotla, le hlompho, le teboho, ho ya dutseng teroneng, ho ya phelang kamehla le mehla,

10. baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe kapele ho ya dutseng teroneng, ba kgumamela ya phelang kamehla le mehla, mme ba akgela mefapahlooho ya bona kapele ho terone, ba ntse ba re:

11. “Ho a o lokela, wena Morenale Modimo wa rona,ho amohela tlotla,le hlompho, le matla,hobane ke wenaya hlodileng dintho tsohle,ke ka thato ya hao di leng teng,di hlodilweng.”

Tshenolo 4