Tshenolo 3:9-22 BIBELE (SSO89SO)

9. “Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.

10. Kahobane o ile wa boloka lentswe la ka ka mamello, le nna ke tla o boloka ka nako ya ho lekwa ho tlang ho hlahela lefatshe lohle, ho leka baahi ba lefatshe.

11. “Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.

12. “Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a ka ke a hlola a etswa ho yona. Hodima hae ke tla ngola lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e ntjha, e theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.

13. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.”

14. “Ngolla moruti wa kereke e Laodisea, o re:“Tsena di bolelwa ke Amen, eo e leng paki e tshepahalang, ya nnete, mohlodi wa tsohle tse bopilweng ke Modimo,

15. o re: Ke tseba mesebetsi ya hao; ha o bate, ha o tjhese. Hoja o no bata kapa o tjhesa!

16. Erekaha o le foofo, o sa bate, o sa tjhese, ke tla o hlatsa ka molomo wa ka.

17. “O re: <Ke morui, ke ruile, ha ke hloke letho;> empa ha o tsebe hore o soto, o madimabe, o futsanehile, o foufetse, mme o feela.

18. Jwale ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, e le hore o tle o rue. O ithekele le diaparo tse tshweu, e le hore o ikapese, bofeela ba hao bo dihlong bo tle bo se ke ba bonahala. O ithekele le setlolo sa mahlo, e le hore o tle o boele o bone.

19. “Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.

20. Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.

21. “Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.

22. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.”

Tshenolo 3