Tshenolo 3:14-22 BIBELE (SSO89SO)

14. “Ngolla moruti wa kereke e Laodisea, o re:“Tsena di bolelwa ke Amen, eo e leng paki e tshepahalang, ya nnete, mohlodi wa tsohle tse bopilweng ke Modimo,

15. o re: Ke tseba mesebetsi ya hao; ha o bate, ha o tjhese. Hoja o no bata kapa o tjhesa!

16. Erekaha o le foofo, o sa bate, o sa tjhese, ke tla o hlatsa ka molomo wa ka.

17. “O re: <Ke morui, ke ruile, ha ke hloke letho;> empa ha o tsebe hore o soto, o madimabe, o futsanehile, o foufetse, mme o feela.

18. Jwale ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, e le hore o tle o rue. O ithekele le diaparo tse tshweu, e le hore o ikapese, bofeela ba hao bo dihlong bo tle bo se ke ba bonahala. O ithekele le setlolo sa mahlo, e le hore o tle o boele o bone.

19. “Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.

20. Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota. Haeba motho a ka utlwa lentswe la ka, mme a mpulela, ke tla kena ha hae, ke je le yena, le yena a je le nna.

21. “Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.

22. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.”

Tshenolo 3