Tshenolo 3:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. “Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re:“Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele.

2. Fadimeha, mme o matlafatse se ntseng se o saletse, se eso ka se shwella ruri, hobane ha ke a ka ka fihlela mesebetsi ya hao e phethehile mahlong a Modimo wa ka.

3. Hopola he, kamoo o ileng wa amohela seo o se utlwileng kateng; se boloke, mme o bake. Haeba o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.

4. “Leha ho le jwalo, o sa na le ba seng bakae Saredeise ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona. Ba tla mphelehetsa ba apere diaparo tse tshweu, hobane ba lokelwa ke hona.

5. “Ya hlolang ke yena ya tla apeswa diaparo tse tshweu; ha nka ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, mme ke tla mo paka pela Ntate le pela mangeloi a hae.

6. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.”

7. “Ngolla moruti wa kereke e Filadelfia, o re:“Tsena di bolelwa ke Ya Halalelang,ya nang le nnete,ya tshwereng senotlolo sa Davida,ha a butse,ha ho ya tla kwala,ha a kwetse,ha ho ya tla bula;

8. “o re: Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako kapela hao, oo ho seng ya ka o kwalang. Ke tseba hore o na le matlanyana feela, empa o ile wa boloka lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.

9. “Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.

10. Kahobane o ile wa boloka lentswe la ka ka mamello, le nna ke tla o boloka ka nako ya ho lekwa ho tlang ho hlahela lefatshe lohle, ho leka baahi ba lefatshe.

11. “Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.

12. “Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a ka ke a hlola a etswa ho yona. Hodima hae ke tla ngola lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e ntjha, e theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.

13. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.”

Tshenolo 3