Tshenolo 22:3-18 BIBELE (SSO89SO)

3. Thohako e ke ke ya hlola e eba teng. Terone ya Modimo le ya Konyana e tla ba teng motseng oo, mme bahlanka ba hae ba tla mo sebeletsa.

4. Ba tla bona sefahleho sa hae, mme lebitso la hae le tla be le le diphatleng tsa bona.

5. Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla.

6. Jwale lengeloi la re ho nna: “Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete. Morena, Modimo ya neang baporofeta moya wa hae, o rometse lengeloi la hae ho tla bontsha bahlanka ba hae tse tshwanelang ho etsahala haufinyane.

7. “Bona, ke tla tla kapele. Ho lehlohonolo ya bolokang mantswe a boporofeta a bukeng ena.”

8. Nna Johanne, ke utlwile tsena, mme ke di bone. Ha ke se ke di utlwile, mme ke di bone, yaba ke itihela maotong a lengeloi le neng le mpontsha tsena, ka re ke a le kgumamela.

9. Lengeloi la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno, baporofeta, le wa ba bolokang mantswe a buka ena. Kgumamela Modimo.”

10. La boela la re ho nna: “Mantswe a boporofeta a bukeng ena, o se ke wa a etsa pinyane, hobane nako e se e atametse.

11. Tlohela ya etsang tse sa lokang a nne a etse tse sa lokang, ya silafetseng a ne a etse tse ditshila; ya lokileng a nne a etse tse lokileng, le ya halalelang a nne a halalele.

12. “Bona, ke tla tla kapele, ke tlise moputso ho o nea motho ka mong ho ya kamoo a sebeditseng kateng.

13. Ke nna Alfa le Omega, Wa Pele le Wa ho Qetela, Qalo le Qetello.

14. “Ho lehlohonolo ba hlatswang diaparo tsa bona, e le hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ya ho kena motseng ka dikgoro tsa wona.

15. Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete.

16. “Nna Jesu, ke le rometse lengeloi la ka ho tla paka tsena dikerekeng. Nna ke lehlomela le setloholo sa Davida; ke naledi ya meso e kganyang.”

17. Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.”Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.

18. Nna Johanne, ke tiisetsa e mong le e mong ya utlwang mantswe a boporofeta a bukeng ena hore, haeba e mong a ka eketsa ho hong ho wona, Modimo o tla mo ekeletsa dikotlo tse ngotsweng bukeng ena.

Tshenolo 22