Tshenolo 22:16-21 BIBELE (SSO89SO)

16. “Nna Jesu, ke le rometse lengeloi la ka ho tla paka tsena dikerekeng. Nna ke lehlomela le setloholo sa Davida; ke naledi ya meso e kganyang.”

17. Moya le monyaduwa ba re: “Tloo.”Ya utlwang le yena a ke a re: “Tloo.” Ya nyorilweng a ke a tle; ya ratang a ke a nwe metsi a bophelo, a fanwang feela.

18. Nna Johanne, ke tiisetsa e mong le e mong ya utlwang mantswe a boporofeta a bukeng ena hore, haeba e mong a ka eketsa ho hong ho wona, Modimo o tla mo ekeletsa dikotlo tse ngotsweng bukeng ena.

19. Hape, haeba e mong a ka fokotsa ho hong mantsweng a boporofeta a bukeng ena, Modimo o tla mo amoha kabelo eo a nang le yona sefateng sa bophelo, le motseng o halalelang, e leng tse hlalositsweng bukeng ena.

20. Ya pakang tsena o re: “E, ke tla tla kapele.”A ho be jwalo! Tloo, Morena Jesu.

21. Mohau wa Morena Jesu o ke o be le lona bohle.

Tshenolo 22