Tshenolo 22:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale lengeloi la mpontsha noka ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e kollang teroneng ya Modimo le ya Konyana.

2. Bohareng ba lebala la motse oo, dipakeng tsa makala a mabedi a noka, ho metse sefate sa bophelo, se behang ditholwana ha leshome le metso e mmedi ka selemo, e leng hanngwe ka kgwedi e nngwe le e nngwe, mme mahlaku a sona a phekola ditjhaba.

3. Thohako e ke ke ya hlola e eba teng. Terone ya Modimo le ya Konyana e tla ba teng motseng oo, mme bahlanka ba hae ba tla mo sebeletsa.

4. Ba tla bona sefahleho sa hae, mme lebitso la hae le tla be le le diphatleng tsa bona.

5. Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla.

6. Jwale lengeloi la re ho nna: “Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete. Morena, Modimo ya neang baporofeta moya wa hae, o rometse lengeloi la hae ho tla bontsha bahlanka ba hae tse tshwanelang ho etsahala haufinyane.

7. “Bona, ke tla tla kapele. Ho lehlohonolo ya bolokang mantswe a boporofeta a bukeng ena.”

8. Nna Johanne, ke utlwile tsena, mme ke di bone. Ha ke se ke di utlwile, mme ke di bone, yaba ke itihela maotong a lengeloi le neng le mpontsha tsena, ka re ke a le kgumamela.

9. Lengeloi la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno, baporofeta, le wa ba bolokang mantswe a buka ena. Kgumamela Modimo.”

10. La boela la re ho nna: “Mantswe a boporofeta a bukeng ena, o se ke wa a etsa pinyane, hobane nako e se e atametse.

11. Tlohela ya etsang tse sa lokang a nne a etse tse sa lokang, ya silafetseng a ne a etse tse ditshila; ya lokileng a nne a etse tse lokileng, le ya halalelang a nne a halalele.

12. “Bona, ke tla tla kapele, ke tlise moputso ho o nea motho ka mong ho ya kamoo a sebeditseng kateng.

13. Ke nna Alfa le Omega, Wa Pele le Wa ho Qetela, Qalo le Qetello.

Tshenolo 22