5. Ya dutseng teroneng a re: “Bona, ke ntjhafatsa tsohle.” A ba a re: “Ngola: Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete.”
6. A nto re: “Ho phethahetse. Ke nna Alfa le Omega, Qalo le Qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nwesa sedibeng sa metsi a bophelo a fanwang feela.
7. Ya hlolang e tla ba mojalefa wa tsena; ke tla ba Modimo wa hae, mme yena e be mora wa ka.
8. Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”
9. Jwale le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, a tletseng dikotlo tse supileng tsa qetello, la tla, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe monyaduwa, mohatsa Konyana.”
10. La nkisa ka moya thabeng e kgolo, e telele, mme la mpontsha motse o halalelang, Jerusalema, o theoha lehodimong, ho Modimo.
11. O ne o kganya tlotla ya Modimo, mme kganya ya wona e ne e ka ya lejwe la bohlokwa, e le jwaloka ya lejwe la jasepere le kang lehakwe.
12. O ne o sireleditswe ke lerako le letenya, le phahameng, le nang le dikgoro tse leshome le metso e mmedi, tse lebetsweng ke mangeloi a leshome le metso e mmedi. Dikgorong ho ne ho ngotswe mabitso, e leng mabitso a meloko e leshome le metso e mmedi ya bara ba Iseraele.
13. Ho ne ho ena le dikgoro tse tharo ka nqa botjhabela, dikgoro tse tharo ka nqa leboya, dikgoro tse tharo ka nqa borwa, le dikgoro tse tharo ka nqa bophirimela.
14. Lerako la motse le ne le ena le majwe a leshome le metso e mmedi a motheo, ao ho wona ho ngotsweng mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ba Konyana.
15. Lengeloi le neng le bua le nna le ne le tshwere leqala la kgauta le methang, le tle le methe motse, le dikgoro tsa wona, le lerako la wona.
16. Motse o ne o ena le dikgutlo tse nne, bolelele ba wona bo ne bo lekana le bophara ba wona. Lengeloi la metha motse ka leqala la lona: o ne o etsa dikilomethara tse fetang dikete tse pedi; bolelele, bophara le bophahamo di ne di lekana.
17. La ba la metha lerako la motse: le ne le etsa dimethara tse mashome a supileng, ho ya ka tekanyo e tlwaelehileng, eo lengeloi le neng le e sebedisa.