Tshenolo 21:21-27 BIBELE (SSO89SO)

21. Dikgoro tse leshome le metso e mmedi e ne e le tsa mabenyane a bohlokwa a leshome le metso e mmedi; kgoro e nngwe le e nngwe e betlilwe ka lebenyane la bohlokwa le le leng. Lebala la motse e ne e le la kgauta e hlwekileng, e bonaletsang jwaloka kgalase.

22. Ha ke a ka ka bona tempele motseng oo, hobane tempele ya wona ke Morena, Modimo ya matla wohle, le Konyana.

23. Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana.

24. Ditjhaba di tla tsamaya leseding la wona, le dikgosi tsa lefatshe di tla o tlisetsa maruo a tsona.

25. Dikgoro tsa wona e tla be esale di butswe motsheare wohle, hobane ho wona bosiu ha bo sa tla ba teng.

26. Maruo le matlotlo a ditjhaba a tla tliswa motseng oo.

27. Ha ho letho le ilehang le tla kena ho wona, leha e le mang kapa mang ya etsang tse manyala, le tseo e seng tsa nnete, empa ho wona ho tla kena feela bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ea Konyana.

Tshenolo 21