Tshenolo 21:20-24 BIBELE (SSO89SO)

20. la bohlano e le la oniki, la botshelela e le la kareneleane, la bosupa e le la kirisolithe, la borobedi e le la berile, la borobong e le la topase, la leshome e le la kirisophase, la leshome le motso o mong e le la turukose, la leshome le metso e mmedi e le la ametise.

21. Dikgoro tse leshome le metso e mmedi e ne e le tsa mabenyane a bohlokwa a leshome le metso e mmedi; kgoro e nngwe le e nngwe e betlilwe ka lebenyane la bohlokwa le le leng. Lebala la motse e ne e le la kgauta e hlwekileng, e bonaletsang jwaloka kgalase.

22. Ha ke a ka ka bona tempele motseng oo, hobane tempele ya wona ke Morena, Modimo ya matla wohle, le Konyana.

23. Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana.

24. Ditjhaba di tla tsamaya leseding la wona, le dikgosi tsa lefatshe di tla o tlisetsa maruo a tsona.

Tshenolo 21