1. Jwale ka bona lehodimo le letjha, le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la kgale le lefatshe la kgale di fetile, mme lewatle ha le sa le yo.
2. Ka boela ka bona motse o halalelang, Jerusalema e ntjha, o theoha lehodimong, ho Modimo, o hlophehile hantle, jwaloka monyaduwa ha a ikgabiseditse monyadi wa hae.
3. Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.
4. O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, mme lefu ha le sa tla hlola le eba teng, esita le mahlomola, kapa dillo, kapa bohloko, hobane tsa kgale di fetile.”
5. Ya dutseng teroneng a re: “Bona, ke ntjhafatsa tsohle.” A ba a re: “Ngola: Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete.”
6. A nto re: “Ho phethahetse. Ke nna Alfa le Omega, Qalo le Qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nwesa sedibeng sa metsi a bophelo a fanwang feela.
7. Ya hlolang e tla ba mojalefa wa tsena; ke tla ba Modimo wa hae, mme yena e be mora wa ka.
8. Empa ha e le makwala, le ba sa tshepahaleng, le ba etsang tse manyala, le babolai, le difebe, le baloi, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba buang leshano, kabelo ya bona ke letsha le tukang mollo wa sebabole, ke hore lefu la bobedi.”
9. Jwale le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, a tletseng dikotlo tse supileng tsa qetello, la tla, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe monyaduwa, mohatsa Konyana.”