21. Ke mo file nako ya hore a bake, empa o hana ho bakela bohlola ba hae.
22. Bona, ke mo akgela diphateng tsa bohloko, mme ba etsang bohlola le yena ke tla ba kenya matshwenyehong a maholo, haese ha ba ka bakela diketso tsa bona.
23. Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.
24. Empa ho lona bohle ba Thiatira ba sa amoheleng thuto ena, le ba sa tsebeng hoo ho thweng ke bofihla ba Satane, ke re: Ha ke le belese mojaro o mong hape.
25. Feela le kgomarele ho seo le nang le sona, ho fihlela ke etla.
26. “Ya hlolang, ya phethang mesebetsi ya ka ho isa qetellong,“ke tla mo nea matlahodima ditjhaba;
27. o tla di busa ka lere la tshepe,a di pshatlejwaloka dinkgo tsa letsopa,
28. “jwalokaha le nna ke neilwe matla ke Ntate. Ke tla mo nea le naledi ya meso.
29. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke.”