15. Hape o na le ba bang ba kgomaretseng thutong ya balatedi ba Nikola.
16. Baka he! Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena kapele, mme ke tla ba lwantsha ka sabole e tswang ka molomong wa ka.
17. “Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja manna a patilweng. Ke tla mo nea lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho tla ngolwa lebitso le letjha, leo ho seng motho ya le tsebang, haese feela ya le amohelang.”
18. “Ngolla moruti wa kereke e Thiatira, o re:“Tsena di bolelwa ke Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a kang malakabe a mollo, le maoto a hae a benyang jwaloka lethose,
19. o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le lerato, le tumelo, le bosebeletsi, le tiisetso ya hao, mme mesebetsi ya hao ya ho qetela e feta ya pele ka bongata.
20. “Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore o dumella Jesabele, mosadi ya reng ke moporofeta, ho kgelosa bahlanka ba ka, ka ho ba ruta ho etsa bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.
21. Ke mo file nako ya hore a bake, empa o hana ho bakela bohlola ba hae.
22. Bona, ke mo akgela diphateng tsa bohloko, mme ba etsang bohlola le yena ke tla ba kenya matshwenyehong a maholo, haese ha ba ka bakela diketso tsa bona.
23. Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.
24. Empa ho lona bohle ba Thiatira ba sa amoheleng thuto ena, le ba sa tsebeng hoo ho thweng ke bofihla ba Satane, ke re: Ha ke le belese mojaro o mong hape.
25. Feela le kgomarele ho seo le nang le sona, ho fihlela ke etla.
26. “Ya hlolang, ya phethang mesebetsi ya ka ho isa qetellong,“ke tla mo nea matlahodima ditjhaba;