Tshenolo 2:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. “Ngolla moruti wa kereke e Efese, o re:“Tsena di bolelwa ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng,

2. o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le boikgathatso ba hao, le tiisetso ya hao, le hore ha o ka ke wa mamella ba kgopo. O ile wa hlahloba ba reng ke baapostola, empa e se bona, mme wa fumana hore ba leshano.

3. O tiiseditse, wa mamella matshwenyeho ka baka la lebitso la ka, wa se ke wa kgathala.

4. “Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore ha o sa nthata jwaloka pele.

5. Hopola he, hore na o wele ha o le hokae; o bake, mme o boele o phethe mesebetsi ya hao ya pele. Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose sedulwana sa lebone la hao tulong ya sona, haeba o sa bake.

6. Empa se molemo seo o nang le sona ke sena: O hloile mesebetsi ya balatedi ba Nikola, eo le nna ke e hloileng.

Tshenolo 2