Tshenolo 19:9-17 BIBELE (SSO89SO)

9. Yaba lengeloi le re ho nna: “Ngola. Ho lehlohonolo ba memetsweng moketeng wa dijo wa lenyalo la Konyana.” La nto re: “Tsena ke dipolelo tsa Modimo tsa sebele.”

10. Yaba ke itihela maotong a lona, ka re ke a le kgumamela, empa la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno ba nang le bopaki ba Jesu. Kgumamela Modimo. Bopaki ba Jesu ke moya wa boporofeta.”

11. Jwale ka bona lehodimo le butswe, ka ba ka bona pere e tshweu, mopalami wa yona e le ya bitswang Ya Tshepahalang, Wa Nnete; o na le toka ha a ahlola, leha a lwana.

12. Mahlo a hae a jwaloka malakabe a mollo, hloohong o rwetse mefapahlooho e mengata; o na le lebitso le ngotsweng hodima hae, leo ho seng ya le tsebang, haese yena feela.

13. O apere seaparo se innweng mading. Lebitso la hae ke Lentswe la Modimo.

14. Dimphi tsa lehodimo di ne di mo latetse, di palame dipere tse tshweu, di apere masela a matlematle, a masweu, a hlwekileng.

15. Ka molomong wa hae ho tswa sabole e bohale, eo a tlang ho hlatha ditjhaba ka yona. O tla di busa ka lere la tshepe, a hatikele setlhotlelo sa veine ya kgalefo e tukang ya Modimo ya matla wohle.

16. Hodima seaparo sa hae, le hodima serope sa hae, ho ngotswe lebitso lena: “Kgosi ya dikgosi, le Morena wa marena.”

17. Yaba ke bona lengeloi le eme hara letsatsi. Ka lentswe le phahameng la howeletsa dinonyana tsohle tse fofang hodimodimo, sebakeng, la re: “Tloong, le phuthehele moketeng o moholo wa dijo wa Modimo,

Tshenolo 19