11. Jwale ka bona lehodimo le butswe, ka ba ka bona pere e tshweu, mopalami wa yona e le ya bitswang Ya Tshepahalang, Wa Nnete; o na le toka ha a ahlola, leha a lwana.
12. Mahlo a hae a jwaloka malakabe a mollo, hloohong o rwetse mefapahlooho e mengata; o na le lebitso le ngotsweng hodima hae, leo ho seng ya le tsebang, haese yena feela.
13. O apere seaparo se innweng mading. Lebitso la hae ke Lentswe la Modimo.
14. Dimphi tsa lehodimo di ne di mo latetse, di palame dipere tse tshweu, di apere masela a matlematle, a masweu, a hlwekileng.
15. Ka molomong wa hae ho tswa sabole e bohale, eo a tlang ho hlatha ditjhaba ka yona. O tla di busa ka lere la tshepe, a hatikele setlhotlelo sa veine ya kgalefo e tukang ya Modimo ya matla wohle.
16. Hodima seaparo sa hae, le hodima serope sa hae, ho ngotswe lebitso lena: “Kgosi ya dikgosi, le Morena wa marena.”
17. Yaba ke bona lengeloi le eme hara letsatsi. Ka lentswe le phahameng la howeletsa dinonyana tsohle tse fofang hodimodimo, sebakeng, la re: “Tloong, le phuthehele moketeng o moholo wa dijo wa Modimo,
18. le tle le je dinama tsa dikgosi, le tsa balaodi, le tsa dinatla; dinama tsa dipere le tsa bapalami ba tsona; dinama tsa batho bohle, tsa makgoba le tsa balokolohi, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.”
19. Jwale ka bona sebatana, le dikgosi tsa lefatshe, le dimphi tsa tsona, di phuthehetse ho lwantsha mopalami wa pere le dimphi tsa hae.
20. Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela.
21. Ba setseng ba bolawa ke sabole e tswang ka molomong wa mopalami wa pere, mme dinonyana tsohle tsa kgora dinama tsa bona.