1. Kamorao ho tsena ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi le buang lehodimong, le re:“Haleluja!Tlholo, le tlotla, le matlake tsa Modimo wa rona,
2. hobane dikahlolo tsa haeke tsa nnete, di lokile.O ahlotse seotswa se seholo,se sentseng lefatsheka bootswa ba sona,mme a lefeletsa madia bahlanka ba hae ka sona.”
3. Hape la re:“Haleluja!Mosi wa sona o foqohakamehla le mehla.”
4. Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, le dibopuwa tse nne tse phelang, ba itihela fatshe, ba kgumamela Modimo ya dutseng teroneng, ba re:“Amen, Haleluja!”
5. Jwale teroneng ha tswa lentswe le reng:“Rorisang Modimo wa rona,lona bahlanka bohle ba hae,le lona ba mo tshabang,ba banyenyane le ba baholo.”
6. Ka boela ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi, ho kang modumo wa metsi a lewatle, le ho kang modumo wa letolo le matla, ho re:“Haleluja!O a busa Morena,Modimo wa rona ya matla wohle.
7. A re thabeng, re nyakalleng,mme re mo tlotlise,hobane ke letsatsi la moketewa lenyalo la Konyana.Monyaduwa wa hae o itokisitse,
8. o neilwe mose wa lesela le letleletle,le benyang, le hlwekileng.Lesela lena le letleletleke diketso tse lokilengtsa bahalaledi.”
9. Yaba lengeloi le re ho nna: “Ngola. Ho lehlohonolo ba memetsweng moketeng wa dijo wa lenyalo la Konyana.” La nto re: “Tsena ke dipolelo tsa Modimo tsa sebele.”
10. Yaba ke itihela maotong a lona, ka re ke a le kgumamela, empa la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno ba nang le bopaki ba Jesu. Kgumamela Modimo. Bopaki ba Jesu ke moya wa boporofeta.”
11. Jwale ka bona lehodimo le butswe, ka ba ka bona pere e tshweu, mopalami wa yona e le ya bitswang Ya Tshepahalang, Wa Nnete; o na le toka ha a ahlola, leha a lwana.
12. Mahlo a hae a jwaloka malakabe a mollo, hloohong o rwetse mefapahlooho e mengata; o na le lebitso le ngotsweng hodima hae, leo ho seng ya le tsebang, haese yena feela.