7. Le e nee tlhokofatsole mahlomola a lekanangle boithoriso ba yonale boithabiso ba yonahobane ka pelong ya yona, e re:<Ke dutse teronengke le mofumahadi,ha ke mohlolohadi,mme ha nka keka tseba mahlomola.>
8. Ka baka leo,dikotlo tsa yona di tla e tlela,di e tlele ka tsatsi le leng,lefu, mahlomola, le tlala,mme e tla tjheswa lore!Hobane Morena Modimoya e ahlolang o matla.”
9. “Dikgosi tsa lefatshe, tse entseng bohlola le yona, tsa phela ka boithabiso le yona, di tla e llela, di e hlomohele, ha di bona mosi wa ho tjheswa ha yona.
10. Di tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona, di re:“ <O madimabe! O madimabe!Wena Babilona,motse o moholo, motse o matla!Kahlolo ya hao e phethahaditsweka nako ya hora feela!>
11. “Bahwebi ba lefatshe ba tla e llela, ba e hlomohele, hobane ha ho sa le ya rekang thepa ya bona:
12. thepa ya kgauta, le ya silefera, le ya mabenyane a bohlokwa, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya masela a matlematle, le a perese, le a sileka, le a mafubedu, le ya mahong wohle a bohlokwa, le ya tsohle tse entsweng ka manaka a tlou, le tsohle tsa mahong a bohlokwa, le tsa lethose, le tsa tshepe, le tsa mahakwe,
13. le dinoko tsa sinamone le tsa amone, le makgapetla a difate a monko o monate, le setlolo, le mokubetso, le veine, le ole, le phofo e thumisehileng, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le dikariki, le makgoba, le batshwaruwa.
14. “ <Tsohle tseoo neng o di labalabela di ile;tsohle tsa boithabiso,tse phatsimang,di o hlakohile;ha o ka ke wa hlola o di fumanale ka mohla.>
15. “Bahwebi ba neng ba hweba ka tsena, ba ruisitsweng ke Babilona, ba tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona. Dillong le mahlomoleng
16. ba tla re:“ <Ho madimabe! Ho madimabe!Motse o moholo,o neng o kgabileka masela a matlematle,le a perese, le a mafubedu;o neng o kgabisitswe ka kgauta,le ka mabenyane a bohlokwa,le ka mahakwe a bohlokwa!
17. Empa leruo le lekaalo le fedisitswe,la fediswa ka nako ya hora feela!>“Batsamaisi bohle ba dikepe, le bohle ba nkang maeto ka dikepe, le basesisi ba tsona, le bohle ba phelang ka ho sebetsa lewatleng, ba ne ba eme hole.
18. Yare ha ba bona mosi wa ho tjheswa ha yona, ba howa, ba re: <Na ho kile ha eba le motse o kang motse o moholo oo?>
19. Ba itshela ka lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba hlomoha, ba re:“ <Ho madimabe! Ho madimabe!Motse o moholo,moo bohle,ba neng ba ena le dikepe lewatleng,ba ileng ba ruiswake leruo la wona!Empa o fedisitsweka nako ya hora feela!
20. Wena lehodimo, le lona bahalaledi,le baapostola, le baporofeta,thabang ke hona,hobane Modimo o le ahloletseka ho ahlola motse oo!> ”
21. Jwale lengeloi le matla la nka lejwe le kang lelwalahadi, la le akgela lewatleng, la re:“Babilona, motse o moholo,e tla akgelwa tlaseka sefutho se tjena,mme ha e ka ke ya hlolae bonwa hape.