Tshenolo 18:12-20 BIBELE (SSO89SO)

12. thepa ya kgauta, le ya silefera, le ya mabenyane a bohlokwa, le ya mahakwe a bohlokwa, le ya masela a matlematle, le a perese, le a sileka, le a mafubedu, le ya mahong wohle a bohlokwa, le ya tsohle tse entsweng ka manaka a tlou, le tsohle tsa mahong a bohlokwa, le tsa lethose, le tsa tshepe, le tsa mahakwe,

13. le dinoko tsa sinamone le tsa amone, le makgapetla a difate a monko o monate, le setlolo, le mokubetso, le veine, le ole, le phofo e thumisehileng, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le dikariki, le makgoba, le batshwaruwa.

14. “ <Tsohle tseoo neng o di labalabela di ile;tsohle tsa boithabiso,tse phatsimang,di o hlakohile;ha o ka ke wa hlola o di fumanale ka mohla.>

15. “Bahwebi ba neng ba hweba ka tsena, ba ruisitsweng ke Babilona, ba tla ema hole, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya yona. Dillong le mahlomoleng

16. ba tla re:“ <Ho madimabe! Ho madimabe!Motse o moholo,o neng o kgabileka masela a matlematle,le a perese, le a mafubedu;o neng o kgabisitswe ka kgauta,le ka mabenyane a bohlokwa,le ka mahakwe a bohlokwa!

17. Empa leruo le lekaalo le fedisitswe,la fediswa ka nako ya hora feela!>“Batsamaisi bohle ba dikepe, le bohle ba nkang maeto ka dikepe, le basesisi ba tsona, le bohle ba phelang ka ho sebetsa lewatleng, ba ne ba eme hole.

18. Yare ha ba bona mosi wa ho tjheswa ha yona, ba howa, ba re: <Na ho kile ha eba le motse o kang motse o moholo oo?>

19. Ba itshela ka lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba hlomoha, ba re:“ <Ho madimabe! Ho madimabe!Motse o moholo,moo bohle,ba neng ba ena le dikepe lewatleng,ba ileng ba ruiswake leruo la wona!Empa o fedisitsweka nako ya hora feela!

20. Wena lehodimo, le lona bahalaledi,le baapostola, le baporofeta,thabang ke hona,hobane Modimo o le ahloletseka ho ahlola motse oo!> ”

Tshenolo 18