1. Kamorao ho tsena ka bona lengeloi le leng le theoha lehodimong. Le ne le ena le matla a maholo, mme tlotla ya lona ya bonesetsa lefatshe lohle.
2. La howa ka lentswe le matla, la re:“E wele! E wele! Babilona e kgolo!E fetohile leaho la bademona,setshabelo sa meya yohle e ditshila,le sa dinonyana tsohle tse ditshila,tse hloyehang.
3. Ke hobane e nwesitseditjhaba tsohle jwalaba bohale ba bohlola ba yona.Dikgosi tsa lefatshedi entse bohlola le yona,mme bahwebi ba lefatsheba ruisitsweke boholo ba mouno wa yona.”
4. Ka boela ka utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re:“Tswang Babilona,lona setjhaba sa ka,esere la ba le kabelodibeng tsa yona,kapa la fumana karoloya dikotlo tsa yona.
5. Dibe tsa yona di entse mohlomeloo fihlang lehodimong,mme Modimo o hopotsemakgopo a yona.
6. E etsengjwalokaha le yona e le entse;le e buseletse habediho ya ka mesebetsi ya yona.E qhatsetseng habedi senwelongseo e le qhatseditseng ho sona.
7. Le e nee tlhokofatsole mahlomola a lekanangle boithoriso ba yonale boithabiso ba yonahobane ka pelong ya yona, e re:<Ke dutse teronengke le mofumahadi,ha ke mohlolohadi,mme ha nka keka tseba mahlomola.>