Tshenolo 17:7-10 BIBELE (SSO89SO)

7. Yaba lengeloi le re ho nna: “O hloletswe keng? Ke tla o hlalosetsa sephiri sa mosadi, le sa sebatana seo a se palameng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome.

8. Sebatana seo o se boneng se ne se le teng, empa ha se sa le yo; feela se sa tla nyoloha mohohlong o se nang pheletso, ebe se ya timelong. Baahi ba lefatshe, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ho tloha ha lefatshe le thewa, ba tla hlollwa ha ba bona sebatana, hobane se ne se le teng, feela ha se sa le yo, empa se tla kgutla.

9. “Mona ho batleha kelello e nang le bohlale. Dihlooho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi eo a ahileng hodima tsona. Hape ke dikgosi tse supileng;

10. tse hlano tsa tsona di se di wele, ya botshelela e ntse e busa, ya bosupa e sa tla tla. Empa mohla e tlang e tla ba teng ka nakwana feela.

Tshenolo 17