Tshenolo 17:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale ha tla le leng la mangeloi a supileng a nkileng mafiswana a supileng, la bua le nna, la re: “Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se ahileng lebopong la lewatle,

2. seo dikgosi tsa lefatshe di entseng bohlola le sona, se tahisitseng baahi ba lefatshe ka jwala ba bootswa ba sona.”

3. Lengeloi leo la nkisa feelleng ka moya, mme ka bona mosadi ya palameng sebatana se sefubedu, se ngotsweng kamahohle mabitso a nyefolang, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome.

4. Mosadi eo o ne a apere diaparo tse perese le tse kgubedu, a ikgabisitse ka kgauta, le ka mabenyane a bohlokwa, le ka mahakwe. Ka letsohong la hae o ne a tshwere senwelo sa kgauta, se tletseng manyala le ditshila tsa bootswa ba hae.

5. Phatleng ya hae ho ne ho ngotswe lebitso le fupereng sephiri: “Babilona e kgolo, mma diotswa tsohle le manyala wohle a lefatshe.”

6. Ka bona mosadi eo a tahilwe ke madi a bahalaledi le ke madi a dipaki tsa Jesu.Eitse ha ke mmona, ka hlollwa haholo.

7. Yaba lengeloi le re ho nna: “O hloletswe keng? Ke tla o hlalosetsa sephiri sa mosadi, le sa sebatana seo a se palameng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome.

8. Sebatana seo o se boneng se ne se le teng, empa ha se sa le yo; feela se sa tla nyoloha mohohlong o se nang pheletso, ebe se ya timelong. Baahi ba lefatshe, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ho tloha ha lefatshe le thewa, ba tla hlollwa ha ba bona sebatana, hobane se ne se le teng, feela ha se sa le yo, empa se tla kgutla.

9. “Mona ho batleha kelello e nang le bohlale. Dihlooho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi eo a ahileng hodima tsona. Hape ke dikgosi tse supileng;

10. tse hlano tsa tsona di se di wele, ya botshelela e ntse e busa, ya bosupa e sa tla tla. Empa mohla e tlang e tla ba teng ka nakwana feela.

11. Sebatana se neng se le teng, se seng se le siyo, ke kgosi ya borobedi, e balellwang le tse ding tse supileng, mme e yang timelong.

12. “Dinaka tse leshome tseo o di boneng ke dikgosi tse leshome, tse esong ho buse, empa tse tla ba le kabelo pusong ya sebatana ka nako ya hora e le nngwe feela.

Tshenolo 17