4. Lengeloi la boraro la qhalla lefiswana la lona dinokeng le didibeng, mme metsi a tsona a fetoha madi.
5. Ka utlwa lengeloi le laolang metsi le re:“Wena ya leng teng,ya bileng teng,Ya Halalelang, o Ya Lokileng,hobane o ahlotse tjena.
6. Ba tsholotseng madia bahalaledi le a baporofeta,o ba nwesitse madi;hona ho ba loketse.”
7. Jwale ka utlwa aletare e re:“E, Morena Modimoya matla wohle,dikahlolo tsa haoke tsa nnete, di lokile.”
8. Lengeloi la bone la qhalla lefiswana la lona hodima letsatsi, mme letsatsi la dumellwa ho tjhesa batho ka lebatama.
9. Batho ba tjheswa ke lebatama le leholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo ya nang le matla hodima dikotlo tsena, empa ha ba a ka ba baka, hore ba tle ba mo tlotlise.
10. Lengeloi la bohlano la qhalla lefiswana la lona hodima terone ya sebatana, mme mmuso wa sona wa fifala; batho ba itoma maleme ke ho hlokofatswa.
11. Ba nyefola Modimo wa lehodimo ka baka la mahloko le diso tsa bona, empa ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona.
12. Lengeloi la botshelela la qhalla lefiswana la lona hodima noka e kgolo ya Euferatese. Metsi a yona a epsha, hore dikgosi tse tswang botjhabela di lokisetswe tsela.
13. Ka molomong wa kganyapa, le ka molomong wa sebatana, le ka molomong wa moporofeta wa bohata, ka bona ho etswa meya e meraro, e ditshila, e kang dihohwana.
14. Meya ena ke bademona ba etsang mehlolo, ba yang ho bokella dikgosi tsa lefatshe lohle, ho tla ntweng ya letsatsi le leholo la Modimo ya matla wohle.