2. La pele la tloha, la qhalla lefiswana la lona lefatsheng, mme diso tse mpempe tsa bereha batho ba nang le letshwao la sebatana, ba kgumamelang setshwantsho sa sona.
3. Lengeloi la bobedi la qhalla lefiswana la lona lewatleng, mme lewatle la fetoha madi a kang a motho ya qetang ho shwa. Yaba dintho tsohle tse phelang lewatleng di a shwa.
4. Lengeloi la boraro la qhalla lefiswana la lona dinokeng le didibeng, mme metsi a tsona a fetoha madi.
5. Ka utlwa lengeloi le laolang metsi le re:“Wena ya leng teng,ya bileng teng,Ya Halalelang, o Ya Lokileng,hobane o ahlotse tjena.