Tshenolo 16:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang tempeleng le re ho mangeloi a supileng: “Tsamayang, le yo qhalla lefatsheng mafiswana a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo.”

2. La pele la tloha, la qhalla lefiswana la lona lefatsheng, mme diso tse mpempe tsa bereha batho ba nang le letshwao la sebatana, ba kgumamelang setshwantsho sa sona.

3. Lengeloi la bobedi la qhalla lefiswana la lona lewatleng, mme lewatle la fetoha madi a kang a motho ya qetang ho shwa. Yaba dintho tsohle tse phelang lewatleng di a shwa.

4. Lengeloi la boraro la qhalla lefiswana la lona dinokeng le didibeng, mme metsi a tsona a fetoha madi.

5. Ka utlwa lengeloi le laolang metsi le re:“Wena ya leng teng,ya bileng teng,Ya Halalelang, o Ya Lokileng,hobane o ahlotse tjena.

6. Ba tsholotseng madia bahalaledi le a baporofeta,o ba nwesitse madi;hona ho ba loketse.”

7. Jwale ka utlwa aletare e re:“E, Morena Modimoya matla wohle,dikahlolo tsa haoke tsa nnete, di lokile.”

Tshenolo 16