Tshenolo 15 BIBELE (SSO89SO)

Mangeloi a nkileng dikotlo tsa ho qetela

1. Jwale lehodimong ka bona pontsho e nngwe e kgolo, e makatsang: mangeloi a supileng a nkileng dikotlo tse supileng tsa ho qetela, tse tla phethahatsa kgalefo ya Modimo.

2. Ka bona ho tshwanang le lewatle le kang kgalase, le kopaneng le mollo. Hodima lona ho ne ho eme ba hlotseng sebatana le setshwantsho sa sona le palo e emetseng lebitso la sona, ba tshwere diharepa tsa Modimo.

3. Ba ne ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re:“Mesebetsi ya hao e meholo,e tsoteha hakaakang,Morena Modimo ya matla wohle!Ditsela tsa hao di lokile,ke tsa nnete,wena Kgosi ya ditjhaba.

4. Ke mangya ke keng a o tshaba, Morena?Ke mangya ke keng a tlotlisa bitso la hao?Hobane ke wena feelaya halalelang.Ditjhaba tsohle di tla tla,di o kgumamele,hobane dikahlolo tsa haodi bonahaditswe.”

5. Kamorao ho tsena ka bona tempele e lehodimong, e nang le tente ya bopaki, e buleha.

6. Mangeloi a supileng, a nkileng dikotlo tse supileng, a tswa ka tempeleng a apere masela a hlwekileng, a masweu, a itlamme difubeng ka maqhama a kgauta.

7. Yaba se seng sa dibopuwa tse nne tse phelang se nea mangeloi a supileng mafiswana a kgauta a supileng, a tletseng kgalefo ya Modimo ya phelang kamehla le mehla.

8. Tempele ya tlala mosi o tswang tlotleng ya Modimo le matleng a hae, hoo ho neng ho se motho ya ka kenang ka tempeleng, dikotlo tse supileng tse tliswang ke mangeloi a supileng di eso phethahale.