9. Yaba lengeloi le leng, e leng la boraro, le latela ao ka ho bua ka lentswe le phahameng, le re: “Haeba mang kapa mang a ka kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, mme a fumanwa a ena le letshwao la sona phatleng ya hae, kapa letsohong la hae,
10. le yena o tla nwa jwala bo qhatseditsweng senwelong sa kgalefo ya Modimo bo sa hlapollwa, e leng jwala ba bohale ba Modimo, mme o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole, kapele ho mangeloi a halalelang, le kapele ho Konyana.
11. Mosi wa tlhokofatso ya batho bao o tla foqohela hodimo kamehla le mehla. Ba kgumamelang sebatana le setshwantsho sa sona, le bohle ba fumanwang ba ena le letshwao la sona, ha ba ka ke ba phomola motsheare le bosiu.”
12. Mona ho batleha tiisetso ya badumedi ba bolokang ditaelo tsa Modimo le tumelo ho Jesu.
13. Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Ngola. Ho tloha jwale, ho lehlohonolo bafu ba shwetseng tshebeletsong ya Morena.”“E,” ho rialo Moya, “ba tla phomotswa mekgathaleng ya bona, hobane mesebetsi ya bona e tla ba sala morao.”
14. Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, hodima lona ho dutse ya kang Mora Motho, hloohong a rwetse mofapahlooho wa kgauta, letsohong a tshwere sekele e bohale.
15. Lengeloi le leng la tswa tempeleng, mme ka lentswe le phahameng la howeletsa ya dutseng hodima leru, la re: “Akgela sekele ya hao, o kotule, hobane nako ya ho kotula e fihlile, tse kotulwang tsa lefatshe di butswitse.”
16. Yaba ya dutseng hodima leru o akgela sekele ya hae lefatsheng, mme lefatshe la kotulwa.
17. Lengeloi le leng hape la tswa tempeleng e lehodimong, le lona le tshwere sekele e bohale.
18. Hape ha tswa lengeloi le leng aletareng, e le le nang le matla a ho laola mollo, mme ka lentswe le phahameng la howeletsa ya tshwereng sekele e bohale, la re: “Akgela sekele ya hao e bohale, o kge masihla a morara wa lefatshe, hobane ditholwana tsa wona di butswitse.”
19. Yaba lengeloi le akgela sekele ya lona lefatsheng, le kga morara wa lefatshe, le o akgela ka setlhotlelong se seholo sa bohale ba Modimo.
20. Setlhotlelo seo sa hatikelwa se le kantle ho motse, mme sa tswa madi a ileng a phutsalla sebakeng se ka etsang dikilomethara tse makgolo a mararo, botebo ba wona e le bo ka fihlang ditomong tsa dipere.