Tshenolo 14:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. Ka utlwa modumo o tswang lehodimong, o kang modumo wa metsi a lewatle, o kang modumo o tshabehang wa letolo. Modumo oo ke ileng ka o utlwa e ne e ka wa baletsi ba diharepa, ba letsang diharepa tsa bona.

3. Ba ne ba bina sefela se setjha, ba le kapele ho terone, le ho dibopuwa tse nne tse phelang, le ho baholo. Ho ne ho se motho ya ka tsebang sefela seo, haese feela bao ba dikete tse lekgolo le mashome a mane a metso e mene, e leng ba lopolotsweng lefatsheng.

4. Bana ke bao esaleng ba hlwekile, ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bana ba lopolotswe hara batho, ho ba nyehelo ya pele ho Modimo le ho Konyana.

5. Leshano ha le a ka la fumanwa melomong ya bona; ha ba na letheba.

6. Jwale ka bona lengeloi le leng le fofa hodimodimo, sebakeng, le ilo phatlalatsa molaetsa o molemo, o sa feleng, ho baahi ba lefatshe, ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle.

7. La bua ka lentswe le phahameng, la re: “Tshabang Modimo, le mo tlotlise, hobane nako ya hae ya ho ahlola e se e fihlile. Kgumamelang ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba.”

8. Yaba lengeloi le leng, e leng la bobedi, le latela leo ka ho re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo, yona e tahisitseng ditjhaba tsohle ka jwala ba bohale ba bohlola ba yona!”

9. Yaba lengeloi le leng, e leng la boraro, le latela ao ka ho bua ka lentswe le phahameng, le re: “Haeba mang kapa mang a ka kgumamela sebatana le setshwantsho sa sona, mme a fumanwa a ena le letshwao la sona phatleng ya hae, kapa letsohong la hae,

10. le yena o tla nwa jwala bo qhatseditsweng senwelong sa kgalefo ya Modimo bo sa hlapollwa, e leng jwala ba bohale ba Modimo, mme o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole, kapele ho mangeloi a halalelang, le kapele ho Konyana.

11. Mosi wa tlhokofatso ya batho bao o tla foqohela hodimo kamehla le mehla. Ba kgumamelang sebatana le setshwantsho sa sona, le bohle ba fumanwang ba ena le letshwao la sona, ha ba ka ke ba phomola motsheare le bosiu.”

12. Mona ho batleha tiisetso ya badumedi ba bolokang ditaelo tsa Modimo le tumelo ho Jesu.

13. Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Ngola. Ho tloha jwale, ho lehlohonolo bafu ba shwetseng tshebeletsong ya Morena.”“E,” ho rialo Moya, “ba tla phomotswa mekgathaleng ya bona, hobane mesebetsi ya bona e tla ba sala morao.”

14. Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, hodima lona ho dutse ya kang Mora Motho, hloohong a rwetse mofapahlooho wa kgauta, letsohong a tshwere sekele e bohale.

Tshenolo 14