3. Hlooho e nngwe ya sona e ne e ka e na le leqeba le ka bolayang, empa leqeba leo le ne le se le fodile. Lefatshe lohle la hlollwa, la latela sebatana seo.
4. Bohle ba kgumamela kganyapa, hobane e ne e neile sebatana matla a yona. Ba kgumamela le sona sebatana, ba re: “Ke mang ya tshwanang le sebatana? Ke mang ya ka se lwantshang?”
5. Sebatana seo se ile sa dumellwa ho bua ka boikakaso le ka ho nyefola, sa newa matla a ho sebetsa ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.
6. Sa qala ho bua, sa nyefola Modimo, sa nyefola lebitso la hae, le leaho la hae, le baahi ba lehodimo.
7. Sa dumellwa ho lwantsha badumedi le ho ba hlola; sa ba sa newa matla hodima ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, le ba mefuta yohle.
8. Se tla kgumamelwa ke baahi bohle ba lefatshe, bao, ho tloha ha lefatshe le thewa, mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo, ya Konyana e hlabilweng.
9. Haeba motho a ena le ditsebe,a ke a utlwe: