14. Sa kgelosa baahi ba lefatshe ka mehlolo eo se dumeletsweng ho e etsa pontsheng ya sebatana sa pele. Sa ba bolella hore ba etse setshwantsho sa sebatana se ileng sa ntshwa leqeba ka sabole le hoja se ile sa phela.
15. Sa newa matla a ho etsa hore setshwantsho seo sa sebatana se be le bophelo, hoo se bileng sa bua, mme sa etsa hore bohle ba sa se kgumameleng ba bolawe.
16. Sa etsa hore bohle, ba banyenyane le ba baholo, barui le mafutsana, balokolohi le makgoba, ba be le letshwao matsohong a bona a matona kapa diphateng tsa bona.