Tshenolo 13:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale ka bona ho nyoloha lewatleng sebatana se nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e leshome dinakeng tsa sona; dihloohong tsa sona ho ngotswe mabitso a nyefolang.

2. Sebatana seo ke ileng ka se bona se ne se tshwana le lengau, maro a sona a ne a le jwaloka maro a bere, molomo wa sona o le jwaloka molomo wa tau. Kganyapa ya se nea matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo ba yona.

3. Hlooho e nngwe ya sona e ne e ka e na le leqeba le ka bolayang, empa leqeba leo le ne le se le fodile. Lefatshe lohle la hlollwa, la latela sebatana seo.

4. Bohle ba kgumamela kganyapa, hobane e ne e neile sebatana matla a yona. Ba kgumamela le sona sebatana, ba re: “Ke mang ya tshwanang le sebatana? Ke mang ya ka se lwantshang?”

5. Sebatana seo se ile sa dumellwa ho bua ka boikakaso le ka ho nyefola, sa newa matla a ho sebetsa ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.

6. Sa qala ho bua, sa nyefola Modimo, sa nyefola lebitso la hae, le leaho la hae, le baahi ba lehodimo.

7. Sa dumellwa ho lwantsha badumedi le ho ba hlola; sa ba sa newa matla hodima ba meloko yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, le ba mefuta yohle.

8. Se tla kgumamelwa ke baahi bohle ba lefatshe, bao, ho tloha ha lefatshe le thewa, mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo, ya Konyana e hlabilweng.

9. Haeba motho a ena le ditsebe,a ke a utlwe:

10. Ya abetsweng ho ya bothopuwengo tla ya bothopuweng.Ya abetsweng ho bolawa ka saboleo tla bolawa ka sabole.Mona ho batleha tiisetso le tumelo ya badumedi.

11. Jwale ka bona sebatana se seng se nyoloha lefatsheng. Se ne se ena le dinaka tse pedi tse kang tsa konyana, empa se ne se bua jwaloka kganyapa.

Tshenolo 13