Tshenolo 12:5-15 BIBELE (SSO89SO)

5. A beleha mora, ngwana e motona, ya tlang ho busa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe. Yaba ngwana eo wa hae o nkelwa ho Modimo, teroneng ya hae.

6. Mosadi yena a tshabela feelleng, moo Modimo a neng a mo lokiseditse sebaka teng, hore a tle a feptjwe ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.

7. Yaba lehodimong ho qhoma ntwa: Mikaele le mangeloi a hae a lwana le kganyapa. Kganyapa le yona ya itwanela e ena le mangeloi a yona,

8. empa ya hlolwa, mme ya tebelwa lehodimong le mangeloi a yona.

9. Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.

10. Lehodimong ka utlwa lentswe le phahameng, le re:“Jwale tlholo, le matla, le puso,e se e le tsa Modimo wa rona,le borena ke ba Mesia wa hae,hobane ho dihetswe fatshemoqosi wa bana babo rona,ya neng a ba qosakapele ho Modimo wa rona,motsheare le bosiu.

11. Bona ba mo hlotseka madi a Konyana,le ka lentswe leo ba le pakileng,mme ba ba ba eshwaba sa qenehele bophelo ba bona.

12. Kahoo thabang, lona mahodimo,le lona ba ahileng ho wona.Ho madimabelona lefatshe le lewatle,hobane Diabolosio theohetse ho lonaka bohale bo boholo,a tseba hore nako ya haee se e le kgutshwanyane.”

13. Yare ha kganyapa e lemoha hore e dihetswe lefatsheng, ya lelekisa mosadi ya belehileng ngwana e motona.

14. Empa mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele setshabelong sa hae, feelleng, moo a tla feptjwa teng ka selemo se le seng, le ka dilemo tse pedi le halofo hape, hole le noha.

15. Ka molomo wa yona, noha ya tshwela metsi a phallang kamora mosadi jwaloka a noka, hore a tle a mo nke.

Tshenolo 12