13. Yare ha kganyapa e lemoha hore e dihetswe lefatsheng, ya lelekisa mosadi ya belehileng ngwana e motona.
14. Empa mosadi a newa mapheo a mabedi a ntsu e kgolo, hore a tle a fofele setshabelong sa hae, feelleng, moo a tla feptjwa teng ka selemo se le seng, le ka dilemo tse pedi le halofo hape, hole le noha.
15. Ka molomo wa yona, noha ya tshwela metsi a phallang kamora mosadi jwaloka a noka, hore a tle a mo nke.
16. Empa lefatshe la thusa mosadi, la ahlama, mme la metsa noka eo kganyapa e e tshwetseng ka molomo wa yona.
17. Kganyapa ya halefela mosadi, mme ya lwantsha ditloholo tsohle tsa hae, e leng ba bolokang ditaelo tsa Modimo, ba nang le bopaki ba Jesu.
18. Yaba e ilo ema lebopong la lewatle.