Tshenolo 12:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale lehodimong ha hlaha pontsho e kgolo: Mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le katlasa maoto a hae, a bile a ena le mofapahlooho wa dinaleli tse leshome le metso e mmedi hloohong.

2. E ne e le moimana. A bokolliswa ke mahloko a pelehi.

3. Ha hlaha pontsho e nngwe hape lehodimong. E ne e le kganyapa ya tonana, e kgubedu, e dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e supileng dihloohong tsa yona.

4. Ka mohatla wa yona e ne e hulanya karolo e le nngwe ho tse tharo ya dinaledi tsa lehodimo, mme ya di lahlela lefatsheng. Kganyapa ya fihla ya ema kapele ho mosadi ya makgatheng a ho beleha, e le hore e tle e kwenye ngwana wa hae hang hoba a belehuwe.

5. A beleha mora, ngwana e motona, ya tlang ho busa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe. Yaba ngwana eo wa hae o nkelwa ho Modimo, teroneng ya hae.

6. Mosadi yena a tshabela feelleng, moo Modimo a neng a mo lokiseditse sebaka teng, hore a tle a feptjwe ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.

7. Yaba lehodimong ho qhoma ntwa: Mikaele le mangeloi a hae a lwana le kganyapa. Kganyapa le yona ya itwanela e ena le mangeloi a yona,

8. empa ya hlolwa, mme ya tebelwa lehodimong le mangeloi a yona.

9. Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.

10. Lehodimong ka utlwa lentswe le phahameng, le re:“Jwale tlholo, le matla, le puso,e se e le tsa Modimo wa rona,le borena ke ba Mesia wa hae,hobane ho dihetswe fatshemoqosi wa bana babo rona,ya neng a ba qosakapele ho Modimo wa rona,motsheare le bosiu.

11. Bona ba mo hlotseka madi a Konyana,le ka lentswe leo ba le pakileng,mme ba ba ba eshwaba sa qenehele bophelo ba bona.

12. Kahoo thabang, lona mahodimo,le lona ba ahileng ho wona.Ho madimabelona lefatshe le lewatle,hobane Diabolosio theohetse ho lonaka bohale bo boholo,a tseba hore nako ya haee se e le kgutshwanyane.”

13. Yare ha kganyapa e lemoha hore e dihetswe lefatsheng, ya lelekisa mosadi ya belehileng ngwana e motona.

Tshenolo 12