Tshenolo 11:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, mollo o betsehang melomong ya tsona o timetsa dira tsa tsona. Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, eka kgona a bolawe jwalo.

6. Dipaki tsena di na le matla a ho kwala lehodimo, e le hore pula e se ke ya na nakong ya ha di ntse di porofeta. Hape di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka kotlo efe kapa efe, neng kapa neng ha di rata.

7. Etlare hoba di qete ho paka, sebatana se tswang mohohlong o se nang pheletso se tla di lwantsha, se di hlole, se di bolaye.

8. Ditopo tsa tsona di tla rapalla lebaleng la motse o moholo, oo Morena wa tsona a ileng a thakgisetswa ho wona, oo ka papiso o bitswang Sodoma kapa Egepeta.

9. Batho ba ditjhaba tsohle, le ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba mefuta yohle, ba tla tadima ditopo tsa tsona ka matsatsi a mararo le halofo, mme ba ke ke ba dumela hore ditopo tseo di epelwe.

10. Baahi ba lefatshe ba tla di tlaka, ba thabe, ba romellane dimpho, hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba ile ba ba tshwenya haholo.

Tshenolo 11