Tshenolo 11:13-19 BIBELE (SSO89SO)

13. Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe: karolo e le nngwe ho tse leshome ya motse ya heleha, mme tshisinyeho eo ya bolaya batho ba dikete tse supileng. Ba setseng ba tshoha haholo, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.

14. Bomadimabe ba bobedi bo fetile, empa bonang, bomadimabe ba boraro bo tla tla kapele.

15. Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng:“Puso ya lefatshee se e le ya Morena wa rona,le ya Mesia wa hae,mme o tla busa kamehla le mehla.”

16. Yaba baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba dutseng diteroneng tsa bona pela Modimo, ba itihela fatshe ka difahleho, ba kgumamela Modimo,

17. ba re:“Re a o leboha.wena Morena Modimoya matla wohle,ya leng teng, ya bileng teng,hobane o boetse o inketsematla a hao a maholo,mme o qadile ho busa.

18. Baditjhaba ba ile ba halefa,jwale ha fihla kgalefo ya hao,le nako ya ho ahlola bafu,le ya ho putsabahlanka ba hao, baporofeta,le bahalaledi,le bohle ba o tshabang,ba banyenyane le ba baholo;le nako ya ho timetsaba timetsang lefatshe.”

19. Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.

Tshenolo 11