Tshenolo 11:11-15 BIBELE (SSO89SO)

11. Hoba ho fete matsatsi a mararo le halofo, moya o phedisang, o tswang ho Modimo, wa kena ditopong tsa bona, mme tsa ema. Ba neng ba di tadimile ba tshoha haholo.

12. Baporofeta bao ba utlwa lentswe le phahameng, le tswang lehodimong, le re ho bona: “Nyolohelang kwano!” Yaba ba nyolohela lehodimong ka leru, dira tsa bona di ntse di ba tadimile.

13. Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe: karolo e le nngwe ho tse leshome ya motse ya heleha, mme tshisinyeho eo ya bolaya batho ba dikete tse supileng. Ba setseng ba tshoha haholo, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.

14. Bomadimabe ba bobedi bo fetile, empa bonang, bomadimabe ba boraro bo tla tla kapele.

15. Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng:“Puso ya lefatshee se e le ya Morena wa rona,le ya Mesia wa hae,mme o tla busa kamehla le mehla.”

Tshenolo 11