Tshenolo 11:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Jwale ka newa leqala le kang thupa e methang, mme ha thwe ho nna: “Ema, o methe tempele ya Modimo le aletare, mme o bale ba mo kgumamelang ka ho yona.

2. Empa ha e le lebala le kantle ho tempele o le tlohele, o se ke wa le metha, hobane le tloheletswe baditjhaba, ba tlang ho hatakela motse o halalelang ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.

3. Ke tla romela dipaki tsa ka tse pedi, di apere diaparo tse mahwashe, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.”

4. Dipaki tsena ke difate tse pedi tsa mohlwaare, le didulwana tsa mabone tse pedi, tse emeng kapele ho Morena wa lefatshe.

5. Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, mollo o betsehang melomong ya tsona o timetsa dira tsa tsona. Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, eka kgona a bolawe jwalo.

6. Dipaki tsena di na le matla a ho kwala lehodimo, e le hore pula e se ke ya na nakong ya ha di ntse di porofeta. Hape di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka kotlo efe kapa efe, neng kapa neng ha di rata.

Tshenolo 11