Tshenolo 10:7-11 BIBELE (SSO89SO)

7. Ha matsatsi a hore lengeloi la bosupa le bue a se a fihlile, etlare ha le qala ho letsa terompeta, e tla ba sephiri sa Modimo se phethahetse, jwalokaha a ne a bolelle bahlanka ba hae, baporofeta.”

8. Lentswe leo ke ileng ka le utlwa le etswa lehodimong la boela la bua le nna hape, la re: “Eya, o yo nka buka e phetlilweng, e ka letsohong la lengeloi le emeng hodima lewatle le hodima lefatshe.”

9. Ka ya ho lengeloi, ka le kopa hore le nnee bukana. La re ho nna: “E nke, o e je. E tla o babela ka maleng, empa ka hanong e tla ba monate jwaloka mahe a dinotshi.”

10. Ka nka bukana eo e letsohong la lengeloi, ka e ja. Ka hanong e ne e le monate jwaloka mahe a dinotshi, empa yare hoba ke e kwenye, ya mpabela ka maleng.

11. Yaba ho thwe ho nna: “O sa tshwanela ho ya bolela molaetsa kapele ho ditjhaba tse ngata, le mefuta e mengata, le ba dipuo tse ngata, le dikgosi tse ngata.”

Tshenolo 10