Tshenolo 1:11-20 BIBELE (SSO89SO)

11. le reng: “Seo o se bonang, o se ngole bukeng, mme o e romelle dikereke tse supileng, e leng e Efese, e Semirna, e Peregamose, e Thiatira, e Saredeise, e Filadelfia, le e Laodisea.”

12. Ka reteleha ho bona hore na ke mang ya buang le nna, mme hoba ke etse jwalo, ka bona didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng.

13. Hara didulwana tsena ka bona e mong ya kang Mora Motho, ya apereng seaparo se phuphuthang, a itlamme sefubeng ka leqhama la kgauta.

14. Hlooho le moriri wa hae di ne di le tshweu jwaloka boya bo bosweu, le jwaloka lehlwa, mme mahlo a hae a ne a le jwaloka malakabe a mollo.

15. Maoto a hae a ne a benya jwaloka lethose le hlwekisitsweng seboping. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a lewatle.

16. Ka letsohong la hae le letona o ne a tshwere dinaledi tse supileng. Ka molomong wa hae ho ne ho etswa sabole e bohale, e sehang kamahohle. Sefahleho sa hae se ne se le jwaloka letsatsi ha le kganya haholo.

17. Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,

18. ke nna ya phelang. Ke ne ke shwele, empa ke nna enwa ke phela kamehla le mehla. Ke tshwere dinotlolo tsa lefu le tsa Nqalo ya Bafu.

19. “Ka baka leo, ngola tseo o di boneng, tse seng di etsahetse, le tse tlang ho etsahala kamorao ho tsena.

20. Ha e le sephiri sa dinaledi tse supileng, tseo o di boneng ka letsohong la ka le letona, le sa didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng, ke sena: Dinaledi tse supileng ke baruti ba dikereke tse supileng, le didulwana tsa mabone tse supileng ke dikereke tseo tse supileng.”

Tshenolo 1