Tshenolo 1:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Tsena ke tseo Jesu Kreste a re senoletseng tsona, a di neilwe ke Modimo, hore a tle a bontshe bahlanka ba hae tse tshwanelang ho etsahala haufinyane. Kreste o ile a di tsebisa mohlanka wa hae Johanne, ka ho mo romela lengeloi.

2. Johanne ke yena ya pakileng tsohle tseo a di boneng, a di paka e le lentswe la Modimo le bopaki ba Jesu Kreste.

3. Ho lehlohonolo ya balang, ya mamelang mantswe a boporofeta bona, mme ya bolokang tse ngotsweng, hobane nako ya tsona e se e atametse.

4. Nna Johanne, ke dumedisa dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla; le ke meya e supileng e emeng kapele ho terone ya hae;

5. le ke Jesu Kreste, eo e leng yena paki e tshepahalang, wa pele ya tsohileng bafung, le mmusi wa dikgosi tsohle tsa lefatshe.Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe ka madi a hae,

6. ya re entseng mmuso le baprista ba sebeletsang Modimo Ntatae, e be tlotla le matla, kamehla le mehla. A ho be jwalo!

7. Ke eo a etla a le hara maru,mme mahlo a bohle a tla mmona,esita le bona ba mo hlabileng,mme meloko yohle ya lefatshee tla mo llela.E! A ho be jwalo!

8. “Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.

9. Nna Johanne, ngwanabo lona, ke le molekane wa lona ho Jesu matshwenyehong, le mmusong, le tiisetsong, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patamose, ka baka la ho bolela lentswe la Modimo le ho paka Jesu.

10. Ka letsatsi la Morena, ka tlalwa ke Moya wa Modimo, mme kamora ka ka utlwa lentswe le phahameng, le kang modumo wa terompeta,

11. le reng: “Seo o se bonang, o se ngole bukeng, mme o e romelle dikereke tse supileng, e leng e Efese, e Semirna, e Peregamose, e Thiatira, e Saredeise, e Filadelfia, le e Laodisea.”

12. Ka reteleha ho bona hore na ke mang ya buang le nna, mme hoba ke etse jwalo, ka bona didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng.

Tshenolo 1